Mattheu 15:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana. BIBELE Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.” Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ha ho a tshwanela ho nka bohobe ba bana, le ho bo akgela dintja. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ha ho a tshwanela ho nka bohobe ba bana, le ho bo akgela dintja. |
Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.
e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,
mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.