Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.
Mattheu 14:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sekepana sona se ne se se se le hara lewatle, se tsokotswa ke maqhubu a metsi; hobane moya o ne o se hanela. BIBELE Sekepe sona se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutlwa ke maqhubu, hobane se ne se tobane le moya. Baasraak Sotho NT Empa sekepe se ne se se se le hara lewatle, se ntse se tsokotswa ke maqhubu, hobane moya o ne o le qholotsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa sekepe se ne se se se le hara lewatle, se ntse se tsokotswa ke maqhubu, hobane moya o ne o le qholotsa. |
Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.
Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.
A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.
Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.
Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya.