Mattheu 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu. BIBELE Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu. Baasraak Sotho NT Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu, |
Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
Ho dutse jwalo le Heroda, hobane o mo kgutliseditse ho rona; mme bonang motho enwa ha a ka a etsa letho le tshwanelwang ke lefu.
Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;
Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,
le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.
Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;