Mattheu 13:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. BIBELE Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.” Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. |
A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.
Yaba Jesu o phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele mose wane, ha a sa kgutlisa matshwele.
Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.
O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.
Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.
Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.