Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise.
Mattheu 13:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ditaba tseo tsohle Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho, mme o ne a sa bue letho le bona a sa tshwantshe; BIBELE Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho; Baasraak Sotho NT Tsohle tseo Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho; mme o ne a sa bue le bona kantle ho papiso; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsohle tseo Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho; mme o ne a sa bue le bona kantle ho papiso; |
Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise.
Yaba o ba bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.
Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.
Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa.