Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.
Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?
Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.
E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.