Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
Mareka 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata. BIBELE Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele. Baasraak Sotho NT Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; mme ba di bea pela setjhaba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; mme ba di bea pela setjhaba. |
Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.
Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.
Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.
empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe,
Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.
Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.