Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;
Mareka 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Dihlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata; tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu. BIBELE E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba. Baasraak Sotho NT Tse ding tsa wela lejweng, moo ho se nang mobu o mongata; mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tse ding tsa wela lejweng, moo ho se nang mobu o mongata; mme tsa phakisa tsa mela, hobane di ne di se na botebo ba mobu. |
Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;
Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.
Le itjallele ho loka, le tle le kotule mohau; le itemele thite e ntjha; hobane ke nako ya ho batla Jehova, a tle a be a tle, a le nesetse ho loka.
Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,
Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo;
Eitse ha a ntse a jala, hlaku tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja kaofela.
Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.