La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mareka 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung.

Ver Capítulo

BIBELE

Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, a boela a kena Kapernauma; mme ha utlwahala hore o ka tlung.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, a boela a kena Kapernauma; mme ha utlwahala hore o ka tlung.

Ver Capítulo



Mareka 2:1
13 Referencias Cruzadas  

a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;


Jesu a kena sekepaneng, a boela a tshela, mme a tla motseng wa habo.


Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.


Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo.


Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe.


Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.


Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;


Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo?


A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.


Yaba ho tla banna ba jereng ka diphate motho ya omeletseng ditho, ba leka ho mo kenya ka tlung, a tle a bewe pela Jesu.


Monna eo eitse ha a utlwa hobane Jesu o fihlile Galelea, a etswa Judea, a tla ho yena, a mo rapela, a re, a theohe, a ye ho fodisa mora wa hae; hobane o ne a se a le makgatheng a ho shwa.


Yare hobane modumo oo o utluwe, ha bokana batho ba bangata hammoho, mme ba tshoha, kahobane e mong le e mong a ne a ba utlwa ba bua puo e leng ya habo.