Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Mareka 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba. BIBELE Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba, Baasraak Sotho NT Yare ha a phakisa a nyoloha metsing, a bona mahodimo a bulehile, le Moya o kang leeba o theohela hodima hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha a phakisa a nyoloha metsing, a bona mahodimo a bulehile, le Moya o kang leeba o theohela hodima hae. |
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.
Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.