Luka 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna. BIBELE ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.” Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. |
Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;
Yaba Jesu o araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme Evangeli e bolellwa mafutsana.
Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.