Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
Luka 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele. BIBELE A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng. Baasraak Sotho NT A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A kena ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo rapela hore a se suthise ho se hokae lebopong. A dula, a ruta batho a le ka sekepeng. |
Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.
A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.
A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona.
Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.