Luka 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Diabolose o re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, ere, lejwe lena le fetohe bohobe. BIBELE Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!” Baasraak Sotho NT Yaba Diabolosi o re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, laela lejwe lena hore le fetohe bohobe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolosi o re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, laela lejwe lena hore le fetohe bohobe. |
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona.
Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.