Luka 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle. BIBELE Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana. Baasraak Sotho NT Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a tloha ho yena ka nako e itseng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a tloha ho yena ka nako e itseng. |
Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.
Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.