Diphula tsohle di katwe, dithaba kaofela le maralla wohle a kokobetswe; dibaka tse ditutudu di batalatswe, hohle moo ho leng makukuno ho latswe.
Luka 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe; BIBELE Kgohlo e nngwe le e nngwe e tla katwa, thaba ka nngwe le leralla ka leng di bothalatswe, ho kgopamileng ho otlollwe, ditsela tse makukuno di batalatswe, Baasraak Sotho NT Diphula tsohle di tla tlala, dithaba tsohle le leralla le leng le le leng di kokobetswe; mme tse kgopameng di tla batalatswa, le ditsela tse makukuno di batalatswe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Diphula tsohle di tla tlala, dithaba tsohle le leralla le leng le le leng di kokobetswe; mme tse kgopameng di tla batalatswa, le ditsela tse makukuno di batalatswe; |
Diphula tsohle di katwe, dithaba kaofela le maralla wohle a kokobetswe; dibaka tse ditutudu di batalatswe, hohle moo ho leng makukuno ho latswe.
Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.
Ke tla o etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ya koporo, le ho roba mekwallo ya tshepe.
Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.