Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Luka 2:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa, ka ho re, ekaba o letshweleng, ba tsamaya letsatsi le le leng, ba ntoo mmatla hara metswalle ya bona le bao ba tsebanang le bona. BIBELE Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona. Baasraak Sotho NT Empa bona, ba hopola hore o hara letshwele, ba tsamaya leeto la letsatsi; mme ba mmatla hara beng ka bona le ho ba tsebanang le bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa bona, ba hopola hore o hara letshwele, ba tsamaya leeto la letsatsi; mme ba mmatla hara beng ka bona le ho ba tsebanang le bona. |
Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Hobane ba qete matsatsi a mokete, ha ba se ba boela ha habo, ngwana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le mmae ba sa tsebe.
Haele ba tsebanang le yena kaofela, le basadi ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba ne ba eme kathoko, ba tadimile tse etswang.