Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.
Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.
Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.
Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
le ho busetsa dintho tsohle kgotsong ya Modimo ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong, kahobane e le yena ya entseng kgotso ka madi a sefapano sa hae.
Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,
Mme ka utlwa dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe, le tse lewatleng, le tse ho tsona kaofela, di re: Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le kganya, le matla, mehleng le mehla!