La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.

Ver Capítulo

BIBELE

Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mehleng eo ha tswa taelo e tswang ho Cesare Augustase, ya hore lefatshe lohle le ngolwe.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mehleng eo ha tswa taelo e tswang ho Cesare Augustase, ya hore lefatshe lohle le ngolwe.

Ver Capítulo



Luka 2:1
13 Referencias Cruzadas  

Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho.


Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?


Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.


A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo.


ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana.


Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;


E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Empa Pauluse o ipeile ho morena e moholo, a re, taba ya hae e bolokelwe ho ahlolwa ke yena; mme jwale, ke laetse hore a lebelwe, ho fihlela mohla ke mo romelang ho Sesare.


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Bahalaledi bohle ba le dumedisa, empa haholo bao e leng ba ntlo ya Sesare.