Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.
Luka 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o mathela pele, a hlwella sefateng sa sikomora, hore a tle a mmone, hobane o ne a tla feta ho sona. BIBELE A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo. Baasraak Sotho NT A matha pele, a hlwella sefateng sa sikomora ho mmona, hobane o ne a tla feta ka tsela eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A matha pele, a hlwella sefateng sa sikomora ho mmona, hobane o ne a tla feta ka tsela eo. |
Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.
Baale-Hanane ya eba mohlahlobi wa mehlwaare le disikomora tse leng dithoteng; Joashe yena a hlahloba dipolokelo tsa ole.
Morena a etsa hore silefera le kgauta di tshwane le majwe Jerusalema, le dikedare hore li tshwane le disikomora tse dithoteng, ka bongata ba tsona.
Morena a etsa hore Jerusalema silefera e be jwaloka majwe, le dikedare di be jwaloka disikomora tse dithoteng, kamoo di neng di le ngata kateng.
Makote a heleditswe, empa re tla haha ka majwe a betlilweng; difate tsa sikomora di remilwe, empa re tla hloma dikedare bakeng sa tsona.
Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.
Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.
a rata ho bona Jesu hoba ke mang, a mpa a sitwa ka baka la bongata; hobane a ne a le mokgutshwanyane boemong.
Yare ha Jesu a etla moo, a lelala hodimo, a mmona, mme a re ho yena: Sakea, phakisa o theohe; hobane e ka kgona ke fapohele tlung ya hao kajeno.
Yare ha ba sa bone hoba ba tla mo kenya le kae, ka baka la bongata, ba hlwella hodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela kahare, pela Jesu, a robetse diphateng tsa hae.