Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole; hara bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome.
Luka 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) a rata ho bona Jesu hoba ke mang, a mpa a sitwa ka baka la bongata; hobane a ne a le mokgutshwanyane boemong. BIBELE A rata ho bona hore na Jesu ke mang, empa a sitwa ka baka la letshwele, hobane o ne a le mokgutshwanyane. Baasraak Sotho NT A ne a batla ho bona Jesu hore na ke mang; mme a sitwa ka baka la bongata, kahobane e ne e le e monyenyane ka seemo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ne a batla ho bona Jesu hore na ke mang; mme a sitwa ka baka la bongata, kahobane e ne e le e monyenyane ka seemo. |
Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole; hara bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome.
Ke mang hara lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?
Mme bonang, monna o ne a le teng ya bitswang Sakea; e ne e le molaodi wa balekgetho, hape e ne e le morui.
Yaba o mathela pele, a hlwella sefateng sa sikomora, hore a tle a mmone, hobane o ne a tla feta ho sona.
Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong.
Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu.