Mehleng ya hae, Hiele wa Bethele a haha Jeriko; a o thea ka ho senyehelwa ke Abirame, mora hae e moholo, a tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke Segube, mora hae e monyenyane, ha eba jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Joshua, mora Nune.
Luka 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a kena Jeriko, a pholletsa hara motse. BIBELE Jesu a fihla a phunyeletsa motse wa Jeriko. Baasraak Sotho NT Jesu a kena, a pholletsa le Jeriko. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a kena, a pholletsa le Jeriko. |
Mehleng ya hae, Hiele wa Bethele a haha Jeriko; a o thea ka ho senyehelwa ke Abirame, mora hae e moholo, a tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke Segube, mora hae e monyenyane, ha eba jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Joshua, mora Nune.
Ba fihla Jeriko. Jesu ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae, a ena le bongata bo boholo, Bartimea, mora Timea, wa sefofu, o ne a dutse pela tsela, a kopa.
Mme bonang, monna o ne a le teng ya bitswang Sakea; e ne e le molaodi wa balekgetho, hape e ne e le morui.
Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.