Luka 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla. BIBELE “Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka. Baasraak Sotho NT Molao le baporofeta di bile teng ho fihlela ho Johanne; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Molao le baporofeta di bile teng ho fihlela ho Johanne; |
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.
Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.
Le fodise ba kulang ba teng, mme le ba bolelle, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona.
Abrahama a re ho yena: Ekare ha ba sa utlwe Moshe le baporofeta, ba ke ke ba kgolwa, leha e mong wa bafu a ka tsoha.
Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona.
Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.
Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].
Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.