Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?
Luka 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae. BIBELE Jesu a boela a re ho barutuwa: “Ho ne ho ena le morui ya nang le mookamedi wa ntlo, mme eo a qoswa ho yena, ha thwe o hafa maruo a monga hae. Baasraak Sotho NT A boela a re ho barutuwa ba hae: Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya nang le molebedi; mme yena a qoswa ho yena hore o sentse thepa ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a re ho barutuwa ba hae: Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya nang le molebedi; mme yena a qoswa ho yena hore o sentse thepa ya hae. |
Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?
Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.
Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.
Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.
Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?
Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.
Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.
Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.
Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.
Mme e mong a tla, a re: Morena, ponto ya hao e sa le yona ena eo ke neng ke e phuthetse leseleng;
le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.
Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;
E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.