Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.
Luka 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane? BIBELE “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana? Baasraak Sotho NT Empa ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tse leshome, mme ekare ha a lahlehetswe ke e nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tjheseho, a be a e fumane? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tse leshome, mme ekare ha a lahlehetswe ke e nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tjheseho, a be a e fumane? |
Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.
Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.
Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.
Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona.
Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.
Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.
Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;