Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?
Luka 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. BIBELE Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.” Baasraak Sotho NT Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. |
Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?
Athe nna ha ke thabele lefu la ya shwang: ho rialo Morena Jehova. Ha ho le jwalo, sokolohang, le tle le phele.
Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, le nna ke tla mmolela pela Ntate ya mahodimong;
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.
Ka mokgwa o jwalo; thato ya Ntata lona ya mahodimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong wa ba banyenyane bana.
Ke re ho lona: E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, Mora motho le yena o tla mmolela pela mangeloi a Modimo;
Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.
Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona.
ka baka leo, ke re ho wena: Dibe tse ngata tsa hae o di tshwaretswe; ke ka baka leo a ratileng haholo; empa ya tlohellwang ho honyenyane, o rata hanyenyane.
Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.
Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.
Hape, ekaba ha a ile a kgaohana le wena ka nakwana e kgutshwanyane, e ne e le hore o tle o boele o be le yena kamehla;
Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?