Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
Luka 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le fodise ba kulang ba teng, mme le ba bolelle, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona. BIBELE le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’ Baasraak Sotho NT Le fodise ba kulang ba teng, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o atametse ho lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le fodise ba kulang ba teng, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o atametse ho lona. |
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?
Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.
Empa leha e le motse ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re:
Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.
Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.
Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
A nna a bolela mmuso wa Modimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiya hohle, a se ke a thibelwa ke motho.