Luka 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je se bewang pela lona. BIBELE “Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona, Baasraak Sotho NT Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je seo le se beang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je seo le se beang. |
Empa leha e le motse ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re:
a re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana eo ka lebitso la ka, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng; hobane eo e leng e monyenyane ho lona bohle, ke yena eo e leng e moholo.
Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.
Ekare ha e mong wa ba sa dumelang a le biletsa ho ja, mme le rata ho ya, jang tsohle tse ka bewang pela lona, le sa botse letho ka baka la letswalo.