Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?
Luka 10:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata; BIBELE Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata, Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata; |
Kannete, ho na le ntho tse ngata tse atisang lefeela; ha ho le jwalo, motho a ka ruang ka tsona?
empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.
Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.
Empa Maretha o ne a tshwerwe haholo ke ho sebetsa tse ngata, a ba a tla ho Jesu, a re: Morena, hleka ha o re letho ha ngwaneso a ntesa ke sebetsa ke le mong? O mmolelle hle hore a nthuse.
Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.
Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo.
A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.