Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
Luka 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. BIBELE “Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.” Baasraak Sotho NT Morena o nkentse jwalo mehleng eo a nchebileng ka yona, ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena o nkentse jwalo mehleng eo a nchebileng ka yona, ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. |
Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.
Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.
Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
Kamora matsatsi ao, Elisabetha, mosadi wa hae, a emola, mme a ipata ka kgwedi tse hlano, a re:
Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.
A eketsa a re ho ntatae: A nke ke etsetswe ho le hong. Ntlohele kgwedi tse pedi, ke ye ke dikadike dithabeng, ke llele borwetsana ba ka, ke ena le thaka tsa ka.
Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.