Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Luka 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu. BIBELE Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu. Baasraak Sotho NT Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng; |
Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng.
A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.
Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.
Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re: