Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!
Luka 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata bohle ba setjhaba bo ne bo eme kantle, bo rapela nakong eo ho tjheswang dibano ka yona. BIBELE mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa. Baasraak Sotho NT Mme bongata bohle ba setjhaba bo ne bo rapela kantle ka nako ya dibano. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bongata bohle ba setjhaba bo ne bo rapela kantle ka nako ya dibano. |
Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!
Setjhaba sa lefatshe se tla kgumama pela monyako oo ka Disabatha, leha e le ha kgwedi e thwasitse, pela Jehova.
Ho se ke ha eba motho tenteng ya pokano, ha a tla kena ho etsa pheko sehalalelong, a be a tswe; o tla iketsetsa jwalo pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae, le phutheho yohle ya Iseraele.
Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.
Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;
Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.