Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.
Joshua 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele. BIBELE Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.” |
Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.
Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.
Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; ha ho ka etswa jwalo, veine e ntjha e ka phatlola makuka, ya tsholoha, mme makuka a senyeha.
Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.
Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.
le bona ba etsa ka mano; ba ya ba nkile sebopeho sa manqosa, ba bofile mekotla e tsofetseng dieseleng tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng, a hahohileng, a pharehetsweng;
maotong ba rwetse dieta tsa kgale, tse pharehetsweng ka ditsiba, ba apere diaparo tse tsofetseng; le mahobe wohle a mofaho wa bona a ne a omeletse, a bodile.