A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Joshua 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A nka banna ba ka bang kete tse hlano, a ba bea mekghahlelo dipakeng tsa Bethele le Ai ka nqa bophirimela ho motse. BIBELE A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. |
A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.
Bahlabani bohle bao a nang le bona ba nyoloha, ba atamela, ba fihla pela motse, mme ba emisa ka nqa leboya ho Ai, kgohlo e le teng mahareng a bona le Ai.
Ba emisa phafa tsohle jwalo ka nqa leboya ho motse, ba mekgahlelo bona ba le ka nqa bophirimela ho motse; Joshua yena a ya kgohlong bosiu.