La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba boela ho Joshua, ba re ho yena: Ho se ke ha ya setjhaba kaofela; ho ye banna ba ka bang kete tse pedi, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; o se ke wa kgathatsa setjhaba kaofela, etswe ba se bakae.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.”

Ver Capítulo



Joshua 7:3
9 Referencias Cruzadas  

Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.


Takatso tsa sekgoba di a se bolaya, hobane matsoho a sona a hana ho sebetsa.


Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.


A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.


Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.


Yaba ho ya banna ba ka bang kete tse tharo ba setjhaba, empa ba baleha pela banna ba Ai.


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,