Joshua 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Joshua a bolelle setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng diterompeta tse supileng tse tlerolang pela Jehova, ba etella pele, ba letsa diterompeta, mme areka ya selekane sa Jehova ya ba latela. BIBELE Ha Joshua a se a buile ho setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba fetela kapele ho Morena, ba ntse ba letsa manaka ao, mme areka ya Morena ya ba sala morao. |
A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele.
Banna ba hlometseng ba etella baprista ba letsang diterompeta pele, mme makgotla a mang a latella areka; ha tsamau-wa ho ntse ho letswa diterompeta.