Katlasa lona, ho ne ho le ditshwantsho tsa dikgomo tse teetseng letsha kahohle hare, di etsa mela e mmedi ya dikgomo, di tsholotswe hammoho le letsha.
Joshua 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lona bahlabani bohle, potolohang motse, le pote motse hang; o etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng. BIBELE Le potolohe motse ona le bahlabani bohle, le o potolohe hanngwe. Le etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng. |
Katlasa lona, ho ne ho le ditshwantsho tsa dikgomo tse teetseng letsha kahohle hare, di etsa mela e mmedi ya dikgomo, di tsholotswe hammoho le letsha.
Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.
Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.
Ebile areka ya Jehova e potoloha motse hang, mme ba boela diahelong, ba dula bosiu diahelong.
Ka tsatsi la bobedi, ba potoloha motse hang, ba ntoo boela diahelong. Ba nna ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.
Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.
A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele.