ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.
Joshua 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba bona bao a neng a ba tsositse tulong tsa bona, ke bona bao Joshua a ba boloditseng; e ne e ntse e le maqai, kahobane ba ne ba sa ka ba bolotswa tseleng. BIBELE Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng. |
ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.
Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.
Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.
Eitse hobane ba qete ho bolotsa setjhaba sohle, ba hlola diahelong tsa bona, ho fihlela ba ba ba fola.