Yaba moo Sefora a nkang lehakwe, a kgaolang mora hae nama ya ntlha ya dipejana, a e lahlela maotong a hae, a re: Ruri, ho nna o mohatsa ya madi.
Joshua 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, Jehova a re ho Joshua: Iketsetse dithipa tsa mahakwe, mme o bolotse bana ba Iseraele la bobedi. BIBELE Ka yona nako eo, Morena a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa ka lejwe la moralla, o boele o bolotse bana ba Iseraele.” |
Yaba moo Sefora a nkang lehakwe, a kgaolang mora hae nama ya ntlha ya dipejana, a e lahlela maotong a hae, a re: Ruri, ho nna o mohatsa ya madi.
empa Mojuda ke eo e leng yena kahare, mme lebollo ke la pelo, le etswang ke Moya, e seng ke letere: Mojuda eo, poko ya hae ha e tswe ho batho, empa e tswa ho Modimo.
A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;
Ha ho le jwalo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona.
Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.
Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.
Yaba Joshua o iketsetsa dithipa tsa mahakwe, a bolotsa bana ba Iseraele leralleng la mengala.