La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 22:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Taba ena ya kgodisa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba rorisa Modimo, mme ha ba ka ba hlola ba bolela hore ba ka ya ba lwantsha le ho senya lefatshe leo bana ba Rubene le bana ba Gade ba ahileng ho lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Tsena tsa kgotsofatsa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba boka Modimo. Ba kgaotsa ho bua ka ho ba futuhela, le ho ripitla naha eo bana ba Rubene, le bana ba Gade ba neng ba ahile ho yona.

Ver Capítulo



Joshua 22:33
13 Referencias Cruzadas  

Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Taba tse monate tse tswang naheng e hole, di jwaloka metsi a phodileng ho motho ya nyorilweng.


Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.


a mo nkela matsohong a hae, a boka Modimo, a re:


Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.


Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.


Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.


Ebile Finease, mora moprista Eleasare, le dikgosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade naheng ya Gileade, ba boela naheng ya Kanana, ho bana ba Iseraele, mme ba ba phetela ditaba.