Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Joshua 21:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Metse yohle ya Balevi e lefeng la bana ba Iseraele ke metse e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le meraka ya yona. BIBELE Metse yohle ya Balevi, e neng e le kahara naha ya bana ba Iseraele, e ne e le metse e mashome a mane a metso e robedi, le makgulo a yona. |
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.
Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.
Metse yohle ya bana ba Merari, ka matlo a bona ba setseng ba matlo a Balevi, ya laolwa e le metse e leshome le metso e mmedi.
O mong le o mong wa metse eo o ne o na le meraka ya wona e o teetseng hare; ha eba jwalo ka metse eo kaofela.