E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,
Joshua 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho laolelwa matlo a Bakehathe, bana ba moprista Aarone, bao e leng Balevi, ba abelwa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Juda, le lelokong la Simeone, le lelokong la Benjamine. BIBELE Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine. |
E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,
Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.
Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.
Ba bang bana ba Kehathe ba abelwa metse e leshome matlung a leloko la Efraime, le lelokong la Dane, le mothapong o mong wa leloko la Manasse.
Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.