Joshua 21:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Gershone ba matlo a Balevi ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane, naheng ya Bashane, le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Beeshthra le meraka ya wona: metse e mmedi. BIBELE Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. |
Bara ba Gershome bona ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane le mathoko a teng naheng ya Bashane, le Ashtarothe le mathoko a teng;
Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.
Ke Betsere, feelleng, lehwatateng, naheng ya Barubene; le Ramothe-Gileade, naheng ya Bagade; le Golane, Bashane, naheng ya Bamanasse.
Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.
Bana ba Gershone ba laolelwa metse e leshome le metso e meraro matlung a leloko la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le mothapong o mong wa leloko la Manasse, Bashane.