Madulo a bara ba Aarone, ba meloko ya Bakehathe, a metse ya bona naheng ya bona, ao ba kileng ba abelwa wona ka lotho, ke ana:
Joshua 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Aarone bao e leng ba matlo a Bakehathe, bana ba Levi, ha ba kile ba laolelwa pele, BIBELE E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona. |
Madulo a bara ba Aarone, ba meloko ya Bakehathe, a metse ya bona naheng ya bona, ao ba kileng ba abelwa wona ka lotho, ke ana:
Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.
Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.
A ho ke ho balwe bara ba Kehathe, ba kgethwe ha bara ba Levi, mme ba ngolwe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,
ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.
Ha ho laolelwa matlo a Bakehathe, bana ba moprista Aarone, bao e leng Balevi, ba abelwa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Juda, le lelokong la Simeone, le lelokong la Benjamine.
Ba newa lelokong la bana ba Juda le lelokong la bana ba Simeone, metse e itseng e boletsweng ka mabitso a yona.