Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.
Joshua 20:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho. BIBELE Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho. |
Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.
Metse eo e tsheletseng e tla ba ditshabelo ho bana ba Iseraele le ho motho wa ditjhaba, le ho motho ya jakileng hara lona; hore e mong le e mong ya bolaileng motho e seng ka boomo, a tle a balehele teng.
Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.
O tla dula motseng oo, a tle a be a eme kahlolong pela phutheho, moprista e moholo wa mehleng eo a be a shwe; ke hona mmolai a tla kgutla, a ye motseng wa hae, le tlung ya hae, motseng oo a neng a balehe ho wona.
Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.