Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
Joshua 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ikeleng thabeng, esere mohlomong ba phaletseng ba kgahlana le lona; le ipate teng matsatsi a mararo, ba phaletseng ba be ba boye, le ntoo ya ka tsela ya lona. BIBELE A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.” |
Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na?
Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.
Ba tloha jwalo, ba fihla thabeng, mme ba hlola teng matsatsi a mararo, ba ba phalletseng ba ba ba kgutla; etswe ba ba phalletseng ba ne ba ba batlile tseleng yohle ba se ke ba ba bona.
Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.