Joshua 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano. BIBELE “Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano. |
Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.
Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.
Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.
Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.
Mohlang oo, Moshe a nkanela, a re: Kannete, lefatshe leo maoto a hao a ileng a le hata e tla nne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane o latetse Jehova, Modimo wa ka, kahohle.