Joshua 11:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Joshua le bahlabani bohle ba ho yena ba ba tsometsa pela metsi a Merome, ba ba hlasela ka sehloho. BIBELE Joshua le bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba ba futuhela ka tsometso ha ba le metsing a Merome, ba ba lwantsha. |
Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.
Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.