Joshua 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna. BIBELE Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.” |
Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.
Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe.
Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.
Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.
Ebile setjhaba se re ho Samuele: Ke mang ya itseng: Saule e ke ke ya eba morena wa rona? Hlahisa banna bao, re tle re ba bolaye.