dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona.
Jeremia 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova. BIBELE Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe. |
dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona.
Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.
Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.
Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.
Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.
Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.
Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahlolelwa ka ho loka; hobane molotsana o dikile ya lokileng, mme kahlolo e a kgopamiswa.
Jwale, ka emisa mahlo a ka, ka tadima; mme bonang, ha hlaha basadi ba babedi, mapheo a bona a tletse moya, ba ne ba na le mapheo a jwaloka mapheo a mokotatsie; mme ba emisetsa efa mahareng a lefatshe le lehodimo.