A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Jeremia 27:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano. BIBELE Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano. |
A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Hobane ba le porofetela leshano, hore ke tle ke le kgannele hole le lefatshe la lona, ke le lahle, ke le timetse.
Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.
Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.
Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.